Bukana ea MEJAMETALANA e fana, ka totobalo, botlalo ba liketsahalo tse etelletseng motheo oa MASERU, ho ba motse-moholo oa LESOTHO la kajeno. E thoholisa likamano tsa baahi ba motse, mehleng ea puso ea balichaba. Ka hona e leka ho hlabolla sesosa sa lipherekano tse tetebelitseng sechaba sa BASOTHO, se neng se hlonepheha har’a meloko ea Afrika-Boroa. Bukana e ngotsoe ka SESOTHO, se senang motsoako, ke moahi oa khale oa Thibella, ea tsebileng Maseru joaloka seatla sa letsoho. O hahlautse linaheng tse ngata tsa Afrika, tsa Europa le tsa Amerika, moo a ithutileng maphelo a mehlobo emeng. Bukana ena e lokela barutoana ba likolo le babali ba thabelang puo ea Sesotho. Ba ratang ho utloisisa mojaro o imetseng Lesotho ho itokolla bofumeng, ba tla thonaka mabaka a entseng Lesotho khamelo e lutlang, leha matla a Basotho a thusitse ho nontsá naha ea Afrika-Boroa.
- Veröffentlicht am Montag 25. Oktober 2010 von Books on Demand
- ISBN: 9783839157510
- 112 Seiten
- Genre: Belletristik, Erzählungen, Hardcover, Historische Romane, Softcover
